Daniele 2:9 - BIBELE9 Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona. Ver Capítulo |
“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”