Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:34 - BIBELE

34 Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ha o ntse o tadima, wa bona lejwe le kgephohang e seng ka matsoho a motho, la thesela setshwantsho maotong a sona a tshepe le letsopa, la a robaka.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:34
25 Referencias Cruzadas  

Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha;


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri.


Hlabang mokgosi, lona matjhaba, le tla robokelwa! Mamelang, lona ba naha tse hole! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa!


“Le wena Faro, o tla robokelwa, o rapalle hara maqai le ba ileng ba bolawa ka sabole.


A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano. Jwale e ne e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela, hobane metsi a ne a se a kokomohile, a le mangata hoo motho a ka sesang kahara wona, e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela.


Meomo ya sona e ne e le ya tshepe, maoto a sona a entswe ka tshepe le ka letsopa.


Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’


Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


ba sa kang ba tswalwa ka madi, kapa ka thato ya nama, kapa ka thato ya monna, empa ba tswetswe ke Modimo.


Jesu ke yena eo e leng “ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha.’


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha,


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos