Daniele 2:13 - BIBELE13 Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya. Ver Capítulo |
Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.