Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:9 - BIBELE

9 Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:9
8 Referencias Cruzadas  

Ho wena pono ena e tshwana le buka e kwetsweng, ya bitielwa. Ha o ka e nea motho ya tsebang ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla araba, a re: “Ke sitwa ho e bala, hobane e kwetswe, e bitietswe.”


Molaetsa ona wa ka le o boloke, thuto ya ka e manehwe dipelong, pelong tsa barutuwa ba ka.


Jwale ke tlile ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno ka nako e tlang, hobane pono ena e supa tse tla etsahala ka nako e tlang.”


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”


“Pono ya mahlabelo a mantsiboya le a hoseng, pono eo e senotsweng ho wena ke ya nnete; feela wena o e etse bofihla ba hao, hobane tsa yona ke tsa mehla e tlang.”


Ha matolo ao a supileng a se a thwathwareditse, yare ke re ke a ngola, ka utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Molaetsa wa matolo a supileng e be pinyane, o se ke wa o ngola.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos