Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:6 - BIBELE

6 E mong wa bona a botsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya neng a emeletse hodingwana ho noka, a re: “Dintho tsee tse makatsang di tla etsahala neng?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:6
16 Referencias Cruzadas  

Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.


Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose.


Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme ka bona banna ba bang ba babedi ba eme, e mong a le lebopong le ka mose wane ho noka, e mong a le lebopong le ka kwano ho noka.


Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”


Jwale ka utlwa mohalaledi e mong a bua, mme e mong hape a botsa eo ya buang, a re: “Dintho tsee tse bonweng ponong di tla ba teng ho fihlela neng? E tla ba nako e kae ho ntse ho etswa manyala bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng, ho hatakelwa mabotho a lehodimo le Sehalalelo?”


Ka utlwa lentswe la ya howeletsang a le kahara noka ya Ulai, le re: “Gabariele! Hlalosetsa monna eo pono ena!”


Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”


“Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?”


e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta.


Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng.


Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos