Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:2 - BIBELE

2 Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:2
19 Referencias Cruzadas  

Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa.


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa.


Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Hape ke na le tshepo eo le bona ba nang le yona ho Modimo, ya hore ba lokileng le ba kgopo ba tla tsoha bafung.


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Na sebopi sa dipitsa ha se na matla hodima letsopa, a ho etsa ka kgwabi e le nngwe pitsa tse pedi, e nngwe e le ya mesebetsi e kgethehileng, e nngwe e le ya mesebetsi ya kamehla?


Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos