Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:3 - BIBELE

3 “Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa ho tla tsoha morena wa mohale, mme o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:3
10 Referencias Cruzadas  

Kgosi eo ya Siria e futuhang e tla iketsetsa borata ka bona, mme ha ho ya tla e ema kapele. E tla kena naheng ya Kanana, eo e tla e timetsa ka letsoho la yona.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.


“Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.


Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos