Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:16 - BIBELE

16 Kgosi eo ya Siria e futuhang e tla iketsetsa borata ka bona, mme ha ho ya tla e ema kapele. E tla kena naheng ya Kanana, eo e tla e timetsa ka letsoho la yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ya neng a futuha ho mo lwantsha o tla etsa kamoo a ratang kateng, mme ha ho motho ya tla tiya pela hae; o tla ema naheng e kgahlehang, mme tshenyo e tla ba teng letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:16
11 Referencias Cruzadas  

Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”


Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.


“Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


E tla futuhela le naha ya Kanana, e hape dinaha tse ngata, empa baahi ba Edomo le ba Moabe le baholo ba Baamone, bona ba tla phonyoha matsohong a yona.


E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.”


Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.


Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa.


Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.


Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos