Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:9 - BIBELE

9 Ka utlwa lentswe la hae ha a bua, mme ha ke le utlwa ka wela fatshe ka sefahleho, ka akgeha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka utlwa modumo wa dipolelo tsa hae; eitse ha ke utlwa modumo wa dipolelo tsa hae, ka idibana, ka wela fatshe ka sefahleho, mme sefahleho sa ka sa ama fatshe.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:9
11 Referencias Cruzadas  

Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.


Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona.


Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile,


Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela,


Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”


Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.


Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,


Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos