Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 1:8 - BIBELE

8 Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 1:8
22 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’


Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu.


Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng.


Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


o se kgalle dimenyemenye tsa hae, hoba hase dijo empa e le maraba.


Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi.


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Empa haeba motho a sa tlangwe ke letho e le ka boikgethelo ba hae, a tiile morerong wa hae, mme haeba a se a qetile ka pelong ya hae hore moradi wa hae e nne e be morwetsana, o tla be a etsa hantle.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos