Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 1:2 - BIBELE

2 Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 1:2
30 Referencias Cruzadas  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng.


Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare.


Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.


Nebukadenesare a nka le thepa ya Tempele ya Morena, a e bea ka tempeleng ya hae Babilona.


Le kgosi Siruse a ntsha thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare a neng a ile a e nka Jerusalema, a e bea ka tempeleng ya medimo ya hae.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae.


Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.


Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.


Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena.


Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: ‘A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame.’ Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.”


“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’


Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha.


Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.”


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.


Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.


Jwale ba nka areka eo ya Modimo, ba e kenya ka tempeleng ya Dagone, ba e bea pela Dagone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos