Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 1:19 - BIBELE

19 Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 1:19
11 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.


Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Ha nako e neng e beilwe ke kgosi e fetile, mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba bea kapele ho Nebukadenesare.


A re e be bahlankana ba se nang sepha, ba ditjaka, ba rutilweng bohlale bohle, ba nang le tsebo, ba dikelello di tjhatsi, ba ka tsebang ho sebetsa ka tlung ya kgosi. E be ba ka rutwang puo le dingodilweng tsohle tsa Bakalatiya.


Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi.


Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya.


Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.


Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos