Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 4:8 - BIBELE

8 Ke ka lona lebaka lena ke mo romelang ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke mo rometse ho lona ka hona hoo, hore a tle a tsebe kamoo taba tsa lona di dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Eo ke mo rometseng ho lona ka baka leo, hore a tle a tsebe taba tsa lona, mme a tshedise dipelo tsa lona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Eo ke mo rometseng ho lona ka baka leo, hore a tle a tsebe taba tsa lona, mme a tshedise dipelo tsa lona;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 4:8
16 Referencias Cruzadas  

“Tshedisang setjhaba sa ka, se tshediseng,” ho rialo Morena.


Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


Ke kopile Tite, mme ka mo roma le ngwanabo rona e mong. Na Tite o le qhekanyeditse? Na ha re a ka ra sebetsa ka moya o le mong, ra tsamaya mohlaleng o le mong?


Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.


Ke mo rometse hona hoo ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.


Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.


Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.


Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela.


Ka hona tshedisanang ka thuto eo.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


a ke a tshedise dipelo tsa lona, mme a le matlafatse dinthong tsohle tse lokileng tseo le ka di etsang kapa la di bolela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos