Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 3:14 - BIBELE

14 Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kahodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 3:14
18 Referencias Cruzadas  

“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.


Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.


Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,


Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.


borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.


Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.


Taelo ya hae ke ena: Re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane jwalokaha a re laetse.


Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos