Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:14 - BIBELE

14 O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 A hlakotse lengolo la melao e neng e le kgahlano le rona, le neng le hanyetsana le rona, mme a le tlosa tseleng, a le kokotela sefapanong sa hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 A hlakotse lengolo la melao e neng e le kgahlano le rona, le neng le hanyetsana le rona, mme a le tlosa tseleng, a le kokotela sefapanong sa hae;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:14
21 Referencias Cruzadas  

O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.


Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.”


Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,


Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”


“ ‘Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena:


Bokgopo bo se bo ntse bo sebetsa ka sephiri; se setseng feela ke hore ya mo thibetseng a tloswe tseleng,


Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona,


Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos