Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:11 - BIBELE

11 Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Le lona le bolotse ho yena ka lebollo le sa etswang ka matsoho, ka ho hlobola mmele wa nama ya nama ka lebollo la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Le lona le bolotse ho yena ka lebollo le sa etswang ka matsoho, ka ho hlobola mmele wa nama ya nama ka lebollo la Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:11
22 Referencias Cruzadas  

bolokang selekane sa lona le nna, le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; esere kgalefo ya ka ya laima sa malakabe, ya tjhesa ho se ya ka e timang, ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”


“Re mo utlwile a re: ‘Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!’ ”


Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.


“Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.


“Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re:


empa Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, le lebollo la nnete ke la pelo. Lona ke mosebetsi wa Moya o Halalelang, e seng taba ya buka ya Molao feela. Thoriso ya hae e tswa ho Modimo, e seng ho batho.


Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe,


Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung?


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.


kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.


Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.


Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena.


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos