Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:4 - BIBELE

4 Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 re ntse re utlwa tumelo ya lona ho Jesu Kreste, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:4
18 Referencias Cruzadas  

e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng. Kahoo ke thabile ka ho fetisisa,


Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu,


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Ka baka leo le nna, ha ke se ke utlwile tsa tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato leo le ratang badumedi bohle ka lona,


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.


Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung.


Taelo ya hae ke ena: Re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane jwalokaha a re laetse.


Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona. Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos