Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:20 - BIBELE

20 le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le ho busetsa dintho tsohle kgotsong ya Modimo ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong, kahobane e le yena ya entseng kgotso ka madi a sefapano sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Mme, ka ho etsa kgotso ka madi a sefapano sa hae, ka yena a boelanye tsohle le yena; ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Mme, ka ho etsa kgotso ka madi a sefapano sa hae, ka yena a boelanye tsohle le yena; ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:20
22 Referencias Cruzadas  

Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.”


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba.


Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Abidane, mora wa Gidoni.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


“Tlotla e be ho Modimo mahodimong a hodimodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho ba mo kgahlang!”


Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.


Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste.


e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame,


Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos