Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:17 - BIBELE

17 Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke yena ya leng kapele ho dintho tsohle, mme tsohle di eme ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ke yena ya bileng teng pele ho dintho tsohle, mme tsohle di kopane ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ke yena ya bileng teng pele ho dintho tsohle, mme tsohle di kopane ka yena.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:17
19 Referencias Cruzadas  

“Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


“Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ ‘Hobane re bile re bana ba hae.’


rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.


Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.


le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


“Ngolla moruti wa kereke e Semirna, o re: “Tsena di bolelwa ke eo e leng Wa Pele le Wa ho Qetela, ya ileng a shwa, a boela a phela,


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos