Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:12 - BIBELE

12 A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:12
50 Referencias Cruzadas  

Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao.


Empa rona setjhaba sa hao, mohlape wa makgulo a hao, re tla o boka kamehla, re phetele meloko yohle dithoko tsa hao.


Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.


Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.


Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare.


Wena Modimo wa baholoholo ba heso, ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla, wena ya nneileng bohlale le matla, wa ntshenolela seo re se kopileng ho wena, wa re senolela seo kgosi e se batlang.”


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”


Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.


“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona,


Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena.


Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.


Tsena tsohle ke di etsa ka baka la molaetsa o molemo, hore ke tle ke be le kabelo melemong ya wona.


Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi.


Ya re bopetseng hona, ke Modimo ya re fileng Moya wa hae, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,


Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle.


Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.


Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.


Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


Ha ho le jwalo, bana beso ba halalelang, bao re nang le kabelo mmoho le lona pitsong ya lehodimo, tadimang moromuwa le Moprista e Moholo, Jesu, eo re mmolelang tumelong ya rona.


Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,


Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.


Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos