Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 9:9 - BIBELE

9 Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa e ne e le setshwantsho se etse ditsweng mehla ena, ha ho ne ho ntse ho hlahiswa dinyehelo le mahlabelo a sitwang ho hlatswa matswalo a ya etsang tshebe letso ya teng,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Oo e neng e le setshwantsho sa mehleng e teng, seo ka sona ho neng ho nyeheloa dimpho le mahlabelo, tse neng di sitwa ho etsa hore ya etsang tshebeletso eo e be ya phethahetseng, ho ya ka letswalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Oo e neng e le setshwantsho sa mehleng e teng, seo ka sona ho neng ho nyeheloa dimpho le mahlabelo, tse neng di sitwa ho etsa hore ya etsang tshebeletso eo e be ya phethahetseng, ho ya ka letswalo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 9:9
16 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, lefu le ile la busa ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka tshito e tshwanang le ya Adama. Adama eo o tshwantsha ya neng a tla tla.


Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.


Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe.


Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone?


Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe.


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos