Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 8:2 - BIBELE

2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tabernakele ya nnete e hlomilweng ke Jehova, e seng motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tabernakele ya nnete e hlomilweng ke Jehova, e seng motho.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 8:2
15 Referencias Cruzadas  

Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Arone o tla apara seaparo sena ha a ntshebeletsa, mme modumo wa mangenengene o tla utlwahala ha Arone a kena ka Sehalalelong, kapele ho Morena, leha a etswa, e le hore a se ke a shwa.


Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


Re na le Moprista ya Phahameng, ya okametseng ba ntlo ya Modimo.


O ne a ntse a lebeletse motse o nang le motheo o tiileng, e leng motse o rerilweng, mme wa hahwa ke Modimo ka sebele.


Selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso, le tempele eo e leng ya lefatshe.


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos