Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 8:12 - BIBELE

12 Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ke tla ba rekolohela makgopong a bona, mme nke ke ka hlola ke sa hopola dibe tsa bona le ditlolo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ke tla ba hauhela bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona le makgopo a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ke tla ba hauhela bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona le makgopo a bona.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 8:12
17 Referencias Cruzadas  

Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao.


wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena,


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena,’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”


Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona.


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle.


Sena ke sona selekane seo ke tla se etsa le bona, ha ke tlosa dibe tsa bona.”


Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.


eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos