Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:16 - BIBELE

16 ya sa kang a bewa ka mokgwa o dumellanang le melao le meetlo ya botho, empa ya beilweng ka matla a bophelo bo ke keng ba fediswa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ya sa bewang ka molao wa leloko la nama, empa e leng ka matla a bophelo bo se nang ho fela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 O o dihilweng, e seng ka molao wa taelo ya nama, empa e le ka matla a bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 O o dihilweng, e seng ka molao wa taelo ya nama, empa e le ka matla a bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:16
15 Referencias Cruzadas  

Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe.


Ho jwalo le ho rona; ha re ne re sa le bana, re ne re le makgoba a meya e busang lefatshe.


Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.


Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena:


Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.


Hona ho totobetse le ho feta, ha moprista e mong ya hlahang a tshwana le Meleki-Sedeke,


hobane ho pakilwe ka yena, ha thwe: “O moprista ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.”


Jesu yena o etseditswe kano ke ya itseng ka yena: “Morena o ikanne, mme ha a ka ke a kweneha: ‘O moprista ka ho sa feleng.’ ”


Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.


Yena, ya se nang ntatae, ya se nang mmae, ya se nang leloko, ya se nang leha e le qalo ya ditshiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ya tsona, ya tshwanang le Mora wa Modimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos