Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 5:8 - BIBELE

8 Empa leha e ne e le Mora wa Modimo jwalo, ka mahloko a hae o ile a ithuta ho mamela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Le hoja e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka mahlomola a hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Le hoja e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka mahlomola a hae;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:8
13 Referencias Cruzadas  

O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.


Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.


Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng.


O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.


empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?”


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos