Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 4:9 - BIBELE

9 Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 4:9
17 Referencias Cruzadas  

Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang.


Setjhaba sa phomola ka letsatsi la bosupa.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana.


Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena, ba kena phomolong ya ka.’ ”


Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.


hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae.


Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse: “Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.’ ” A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe,


Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape.


Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos