Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 4:3 - BIBELE

3 Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse: “Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.’ ” A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hobane rona ba dumetseng re kena phomolong, jwalokaha a itse: Ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ha ba ka kena phomolong ya ka;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane rona ba dumetseng re kena phomolong, jwalokaha a itse: Ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ha ba ka kena phomolong ya ka;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 4:3
15 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.”


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela.


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.”


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena, ba kena phomolong ya ka.’ ”


Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,


Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


O ne a kgethwe ke Modimo lefatshe le eso thewe, feela a bonahatswa dinakong tsena tsa bofelo ka baka la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos