Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 2:6 - BIBELE

6 Etswe sebakeng se seng ho boletswe hantle, ha thwe: “Motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang, le ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa e mong o pakile lengolong le leng, a re: Motho keng ha o tla mo hopola, kapa ngwana motho keng ha o tla mo hlokomela?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa e mong o pakile nqalong e nngwe, a re: Motho keng, ha o tle o mo hopole? kapa mora motho, ha o tla mo etela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa e mong o pakile nqalong e nngwe, a re: Motho keng, ha o tle o mo hopole? kapa mora motho, ha o tla mo etela?

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:6
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?


motho a ka loka jwang, yena e le popane, ya tswetsweng ke motho, yena e le seboko!”


Morena, ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo nkelang hloohong? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang?


Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


“Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla.


Ka mohau o moholo wa Modimo wa rona, mafube a tswang hodimo a tla re etela,


Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


hobane ha ho buuwa ka letsatsi la bosupa ho itswe: “Ka letsatsi la bosupa Modimo a phomola mesebetsing yohle ya hae.”


jwalokaha sebakeng se seng a re: “O moprista ka mehla yohle jwaloka Meleki-Sedeke.”


Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos