Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 2:1 - BIBELE

1 Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:1
25 Referencias Cruzadas  

Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.


Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.


Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao.


Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona.


O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao.


Na le jwale ha le eso utlwisise? Na ha le sa hopola dinkgwa tse hlano tseo le neng le di abele ba dikete tse hlano, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?


Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


“Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”


Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya;


Hape ke tla leka kahohle hore, ha ke se ke faletse, le tle le nne le hopole dithuto tsena kamehla.


Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos