Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 11:3 - BIBELE

3 Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe lohle le bopilwe ka lentswe la Modimo, mme tse bonwang di tswa ho tse sa bonweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka tumelo, re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe le hlophisitswe ka lentswe la Modimo, hore tse bonahalang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe le hlophisitswe ka lentswe la Modimo, hore tse bonahalang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:3
17 Referencias Cruzadas  

Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe.


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


“Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.


Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona.


hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo.


empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.


ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla,


Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos