Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 10:4 - BIBELE

4 etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Hobane ha ho kgonehe hore madi a dipoho le a diphooko a tlose dibe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane ha ho kgonehe hore madi a dipoho le a diphooko a tlose dibe.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:4
19 Referencias Cruzadas  

Modimo, Modimo ya mpholosang, ako ntopolle kahlolong ya lefu, leme la ka le tumise ho loka ha hao.


Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Sena ke sona selekane seo ke tla se etsa le bona, ha ke tlosa dibe tsa bona.”


Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


O qadile ka ho re: “Mahlabelo, le dinyehelo, le ditjheso, le mahlabelo ka baka la dibe, ha o di batle, ha di o kgahlise,” leha di nyehelwa ho ya ka Molao.


Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo.


Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos