Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 1:13 - BIBELE

13 Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke ho ofe wa mangeloi ao ka nako e nngwe a kileng a re: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke ho ofe wa mangeloi ao ka nako e nngwe a kileng a re: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao?

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 1:13
16 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.”


“ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?’


Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


Bukeng ya Dipesalema Davida ka boyena o re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,


Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo,


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.


Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos