Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Bagalata 4:3 - BIBELE

3 Ho jwalo le ho rona; ha re ne re sa le bana, re ne re le makgoba a meya e busang lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ka mokgwa o jwalo le rona, ha re sa le bana, re ne re le makgoba a tsa motheo tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ka mokgwa o jwalo le rona, ha re sa le bana, re ne re le makgoba a tsa motheo tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 4:3
20 Referencias Cruzadas  

“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;


Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara?


Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe.


Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”


hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.


empa o tlasa bahodisi le baokamedi ba ntlo, ho fihlela nako e beilweng ke ntatae e fihla.


Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba.


Hagare o tshwantsha thaba ya Sinai e Arabia, mme o emetse Jerusalema ya kajeno, eo e leng lekgoba hammoho le bana ba yona.


Ha ho le jwalo, bana beso, ha re bana ba mosadi eo e leng lekgoba, empa re ba mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.


Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.


Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena:


Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.


Le ka be le se le le ba rutang ba bang jwale, empa le sa ntse le hloka ho rutwa hape dithuto tsa ho qala tsa lentswe la Modimo. Bakeng sa hore le je dijo tse thata, le sa ntse le hloka ho ja lebese.


ya sa kang a bewa ka mokgwa o dumellanang le melao le meetlo ya botho, empa ya beilweng ka matla a bophelo bo ke keng ba fediswa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos