Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:11 - BIBELE

11 ka tshepo ya hore ke tla tsoswa bafung ho iswa bophelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hore mohlomong le nna nke ke fihlele tsoho ya bafu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 hore ke tle ke fihle tsohong ya bafu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 hore ke tle ke fihle tsohong ya bafu.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:11
17 Referencias Cruzadas  

e leng batho ba tshepileng matlotlo a bona, ba ithorisang ka maruo a bona a mangata?


mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”


Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore e tla tsoha mohla tsoho ya bafu, ka letsatsi la bofelo.”


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.


Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.


mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona.


E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.


Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.


Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela.


Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Basadi ba boela ba kgutlisetswa bafu ba bona ba tsohileng bafung. Empa ba bang, e le hore ba tle ba tsohele bophelo bo botle ka ho fetisa, ba ile ba hana ho lokollwa, ba shwela ditlhokofatsong.


Bafu ba setseng ha ba a ka ba tsoha ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Ena ke tsoho ya pele ya bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos