9 Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.
9 Le lona beng ba lona, le ba etse tsona tseo, le lese ho ba sokela, le ntse le tseba hobane Mong wa lona le yena o mahodimong; le gone ga go na tlhaolele mo go ene.
9 Le lona beng ba lona, le ba etse tsona tseo, le lese ho ba sokela, le ntse le tseba hobane Mong wa lona le yena o mahodimong; le gone ga go na tlhaolele mo go ene.
Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”
Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.
“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”
“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:
Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.