Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:4 - BIBELE

4 Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Le lona bontata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Le lona bontata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:4
32 Referencias Cruzadas  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.”


Laya ngwana wa hao o sa na le tshepo, o se thohothellwe ho mmolaya.


Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.


Ruta ngwana tsela ya ho phela, ha a hodile a ke ke be a fapoha.


Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.


Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.


Ke ya phelang, ya phelang feela, ya ka o rorisang jwaloka nna. Ntata bana o ba ruta tsa botshepehi ba hao.


“O tla atleha, mme o phele halelele lefatsheng.”


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.


Lona batswadi, le se ke la kgentsha bana ba lona, esere ba nyahama dipelo.


Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona.


Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos