Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:32 - BIBELE

32 Polelo ena ke sephiri se seholo, mme nna ke re e lekanya Kreste le kereke.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Sephiri sena se seholo; empa ke bua ke ntse ke lekanya Kreste le kereke.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Sephiri sena ke se seholo, empa ke bolela tsa Kreste le tsa kereke.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Sephiri sena ke se seholo, empa ke bolela tsa Kreste le tsa kereke.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:32
14 Referencias Cruzadas  

Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.


Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.


Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano.


Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos