Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:11 - BIBELE

11 Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka leo, le ke le hopole hobane lona bao pele le neng le le baditjhaba ka nama, le neng le bitswa maqai ke ba bitswang babolli ka lebollo le etswang nameng ka matsoho;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka baka leo, le hopole hore le ne le le baditjhaba ka nama, ba bitswang maqai ke bona ba bitswang ba lebollo nameng le entsweng ka matsoho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka baka leo, le hopole hore le ne le le baditjhaba ka nama, ba bitswang maqai ke bona ba bitswang ba lebollo nameng le entsweng ka matsoho;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:11
29 Referencias Cruzadas  

Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng.


Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona.


“Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’


Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona,


Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?


Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.


Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


“Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano.


Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste.


tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.


Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.


O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.


Hopolang hore le ne le le makgoba Egepeta. Le hlokomele ho boloka le ho phetha ditaelo tsena.”


Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.


Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe.


Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.


Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos