Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 9:7 - BIBELE

7 “Na lona Baiseraele, ho nna ha le ke Bakushe?” ho rialo Morena. “Na hase nna ya ileng a le ntsha naheng ya Egepeta, Bafilesita le bona ka ba ntsha Kafatore, Baarame bona ka ba ntsha naheng ya Kire?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?

Ver Capítulo Copiar




Amose 9:7
14 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.


Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha.


Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.


Elame ya jara sehlajwe sa metsu, ya futuha le ka bapalami ba dipere, Kire yona ya ntsha thebe ya yona.


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!


Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.


Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.


Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena.


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos