Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:10 - BIBELE

10 Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:10
30 Referencias Cruzadas  

Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.


Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo.


Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.


Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”


Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi.


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe.


“Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”


Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi.


Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla.


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha.


Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.


Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.


Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka.


“Ha motho a foforeha moriri hloohong, o na le lefatla; o hlwekile.


“Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele.


Lerata la dipina tsa lona le ke le fele! Mmino wa harepa tsa lona o a ntena!


Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!”


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos