Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:7 - BIBELE

7 Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:7
13 Referencias Cruzadas  

A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.


Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.”


Morubisi le sephookwana di tla hahela ho yona, makgohlo le lekgwaba di etse dihlaha ho yona. Modimo o tla e fetola letswatlare, e be feela, e hloke sebopeho jwaloka pele pele ho tlholeho ya dintho.


Morena o sa entse qeto ya ho heletsa, ya ho heletsa marako a Moradi wa Sione; kgwele ya ho lekanya o se a e otlolotse, ha a a ka a honyetsa tsoho la hae ha le timetsa. A etsa hore metero le marako di lle, bobedi ba tsona a di heletsa.


A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.


Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo.


Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”


Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona.


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos