Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:5 - BIBELE

5 Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:5
9 Referencias Cruzadas  

O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.


Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


Haufinyane ho le halefela ha ka ho tla fela, kgalefo ya ka e tobane le ho timetswa ha bona.”


Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha.


Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”


Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: ‘O kae Modimo eo wa bona?’ ”


“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”


Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos