Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:5 - BIBELE

5 Le letsa harepa tsa lona jwaloka Davida, pina tsa diletsa le di qapele seemeng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba ntse ba bina dipina tsa bosawana modumong wa diharepa; ba iqapela mesebetsi e tidinngwang, jwaloka Davida.

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:5
12 Referencias Cruzadas  

Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?


Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


Balevi ba ema ba nkile diletsa tsa Davida, baprista bona ba nkile diterompeta.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.


Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.


Lerata la dipina tsa lona le ke le fele! Mmino wa harepa tsa lona o a ntena!


Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!”


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos