Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!”
Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.
Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”
ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.