Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:24 - BIBELE

24 Empa toka e ke e phalle, e phalle jwaloka noka, ho loka ho ke ho be jwaloka molatswana, ho ke molatswana o phallang kamehla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:24
11 Referencias Cruzadas  

Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


“Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle.


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


“ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


Lerata la dipina tsa lona le ke le fele! Mmino wa harepa tsa lona o a ntena!


Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos