Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 1:8 - BIBELE

8 Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Amose 1:8
17 Referencias Cruzadas  

O ile a tsamaya, a futuhela Bafilesita, a thua lerako la Gate, le lerako la Jabene, le lerako la Ashedode; a haha le metse Ashedode le hara Bafilesita.


“Hoja setjhaba sa ka se ka mmamela, Iseraele a tsamaya ka ditsela tsa ka,


Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao.


Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa.


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle.


“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.


Marako a Gasa ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.


Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona.


Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi.


Ashedode e tla ba leaho, aho la dikgaupane, boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.


Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos