Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 2:2 - BIBELE

2 Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 2:2
33 Referencias Cruzadas  

Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.


“Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona.


Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.


Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang, ba tshepahalang, ba lefatshe lena, ba tle ba ahisane le nna; ya tsamayang ka tsela e lokileng ke yena ya tla ntshebeletsa.


Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo.


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo.


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”


Jwale, ke le boleletse e sa le pele.


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.


A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba,


Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.


Sena le ile la se rutwa ke Epafarase, molekane wa rona ya ratehang wa bohlanka, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste, ya lebitsong la rona.


Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,


Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.


Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,


Empa wena, kgomarela tseo o di rutilweng ka mokgwa o kgodisang, o ntse o tseba hore na o di rutilwe ke mang.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos