Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:3 - BIBELE

3 Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?” Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Morena a re: Na ha ho sa le motho wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau wa Modimo na? Tsiba a re ho morena: Ho sa setse mora Jonathane, ya holofetseng maoto.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:3
11 Referencias Cruzadas  

Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa;


yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.


Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.


Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo.


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.”


Empa Morena o ne a rata bo-ntata lona, hoo a ileng a ikgethela ditloholo tsa bona, e leng lona, a le kgetha hara ditjhaba tsohle, jwaloka kajeno.


Ka baka la hobane o ne a rata bo-ntata lona, o ile a kgetha ditloholo tsa bona, mme ka matla a hae a maholo, o ile a le ntsha Egepeta ka boyena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos