Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:16 - BIBELE

16 Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:16
10 Referencias Cruzadas  

A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”


Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Elehorefe le Ahiya, bara ba Shisha, e ne e le bangodi; Jehoshafate, mora wa Ahilode, e le mongodi wa diketsahalo;


Yare hoba ba bitse kgosi, ha tla ho bona Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo.


Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.


Davida a re: “Mang kapa mang ya tla bolaya Mojebuse pele, e tla ba molaodi e moholo.” Joabe, mora wa Seruya, a tlola pele, mme ya eba yena molaodi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos