Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:12 - BIBELE

12 e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:12
10 Referencias Cruzadas  

Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le wena, haeba o ka imelwa ke Baamone, ke tla o thusetsa.


Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgaotsa ho ba phaladisa, a kgutlela Jerusalema.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.


Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.


Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.


Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.


Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos